BUKANA
YA MABITSO A DIBAKA
Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa
Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa
Lefapha la Bonono, Setso, Saense le Thekenoloji
Afrika Borwa
Fonofono: 337-8155
Fakese: 324-2119
Lenane la tse ka hare
Leqephe
Ho bolelwa eng ka mabitso a dibaka?
Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa ke eng?
Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le etsa eng?
Ke mabitso afe a dibaka ao Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le sebetsanang le ona?
Ke mabitso afe a dibaka a sa laolweng ke Lekgotla la
Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa?
Ke hobaneng ha mabitso a dibaka a lokela ho ananelwa ke setjhaba?
Ka moo kananelo ya mabitso e etswang ka teng
Maano a mabitso a dibaka mona Afrika Borwa
Na mabitso a seng a ntse a le teng a ka fetolwa?
Ke mang ya ka etsang kopo ya kamohelo ya lebitso?
Ka moo o ka etsang kopo ya kamohelo ya lebitso ka teng
Thuso malebana le kopo ya kamohelo
Nako e baletsweng ho etsa kopo ya kamohelo
Sesupo sa foromo ya kopo ya kamohelo
Ho bolelwa eng ka mabitso a dibaka?
Ke mabitso a dibaka tseo batho ba ahileng ho tsona esita le meaho ekasitana le mabitso a tsohle tse fumanwang tlhahong.
Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa ke eng?
Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa ke lekgotla le eletsang Letona la Bonono, Setso, Saense le Thekenoloji malebana le ho ananelwa ke setjhaba ha mabitso a dibaka.
Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le thehilwe ka ditsebi tsa mabitso a dibaka, ditsebi tsa dipuo tsa mmuso le nalane ya meetlo esita le moemedi a le mong ya emetseng provense e nngwe le e nngwe le baemedi ba Bolaodi bo Phahameng ba Diphuputso le Dimmapa, Poso ya Afrika Borwa esita le Lekgotla la Puo la Afrika Borwa (PANSALB).
Bongodi ba Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa bo tswa ho Lefapha la Bonono, Setso, Saense le Thekenoloji.
Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le etsa eng?
Le etsa qeto mabapi le sebopeho sa mabitso ana a dibaka mme ebe le etsa dikgothaletso tse lebiswang ho Letona e le hore Letona le etse qeto malebana le kamohelo ya mabitso ao.
Le bokella le ho ngodisa mabitso ana a dibaka esita le hona ho a tsebahatsa.
Le ikamahanya le Matjhaba a Kopaneng, Khomishine ya Moruo ya Matjhaba a Kopaneng bakeng sa Afrika, bolaodi ba mabitso a dibaka ba ditho tsa Matjhaba a Kopaneng esita le baemedi ba dinaha tsa mose tse sebetsanang le kananelo ya setjhaba ya mabitso a dibaka.
Ke mabitso afe a dibaka ao Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa le sebetsanang le ona?
Ditoropo, dibaka tse ka thoko esita le hohle moo batho ba phelang teng, diposo, diteishene, ditsela tse kgolo, matamo, jwalojwalo;
dithaba, maralla, dinoka, diphula, dikou, dinaha tse kgolo esita le dibaka tse ikgethileng, dihlekehleke, madiboho, marokgo le metjhophoro, jwalojwalo.
mabitso a ngodisong (dibaka tseo ho ngodiswang bannga ba ditsha).
Ke mabitso afe a dibaka a sa laolweng ke Lekgotla la
Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa?
Lebitso la naha e itseng le mabitso a diprovense;
mabitso a bolaodi ba lehae meaho ya poraefete esita le mapolasi.
Ke hobaneng ha mabitso a dibaka a lokela ho ananelwa ke setjhaba?
Ho a etsahala hore ka hare ho naha e le nngwe batho ba sebedise lebitso le le leng bakeng sa dibaka tse fapaneng, kapa ho be le pherekano ka lebaka la hobane mabitso a sebediswang a na le modumo o tshwanang kapa mongolo wa lebitso le itseng le batle le tshwana le la sebaka se itseng. Mabitso a ka nna a ngolwa ka tsela e sa tshwaneng. Mona Afrika Borwa, ka ha e le naha e nang le dipuo tse ngata tse sebediswang, dibaka di ka ba le mabitso a fetang bonngwe.
Mabitso a dibaka lefatsheng lohle a ananetswe ke balaodi ba etsang qeto ka sebopeho sa lebitso le lokelang ho sebediswa mererong ya mmuso esita le mongolo wa lebitso leo.
Ho a hlokeha hore mabitso a ananelwe ka lebaka la ho kgema le nalane ya naha esita le boitsebahatso ba setjhaba, thekiso le kgwebo, tsamaiso ya thepa, dikgokahano, thero ya lebatowa le tikoloho, saense le thekenoloji, bohahlaudi, taolo ya dikoduwa le matsholo a ho batla le ho tshireletsa mahlatsipa, jwalojwalo.
Naheng ya rona esita le dinaheng tse mose, batho ba hlophisang dimmapa le mahlasedinyana a mabitso a dibaka ba thuswa ke mebuso ya dinaha e le hore e ba fe mabitso a seng a ananetswe.
Ka moo kananelo ya mabitso e etswang ka teng
Provense e nngwe le e nngwe e tla kgetha Komiti ya Mabitso a Dibaka boemong ba Provense.
Boikarabelo ba Komiti ena ya Mabitso a Dibaka e tla ba ho eletsa bolaodi ba lehae esita le sebedisana le bona e le ho etsa bonnete ba hore ba latela maano a Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa bakeng sa mabitso ao komiti e a laolang.
Komiti ya Mabitso a Dibaka boemong ba Provense e tla hlokomela hore bolaodi ba lehae esita le bohle ba amehang ba tsebiswa hantle ka tshwanelo pele ho ka nehelanwa ka lebitso lefe kapa lefe ho bolaodi ba lehae ka tumello ya Komiti ya Mabitso a Dibaka boemong ba Provense ho leba ho Lekgotla la Mabitso a Dibaka la Afrika Borwa.
Poso le yona e ka nehelana ka mabitso esita le ba ntshetsang thepa pele, mekgatlo e fapaneng esita le batho feela.
Lekgotla la Mabitso a Dibaka Afrika Borwa le tla amohela dikopo tsohle e le hore le tle le amohele mabitso ao le a laolang le be le hlokomele hore bohle ba amehang ba tsebiswa hantle ka nepo le hore lebitso leo le na le ditlhoko tsohle tseo lekgotla le di lebeletseng.
Lekgotla la Mabitso a Dibaka Afrika Borwa le tla etsa qeto mabapi le sebopeho sa mabitso mme ebe le tla etsa kgothaletso e tla lebiswa ho Letona.
Ha lebitso le se le amohetswe mme le dumelletswe ke Letona, e tla ba lebitso leo le se le ananetswe ke setjhaba sohle. Lebitso leo jwale le tla phatlalatswa Lehlasedinyaneng la Ditsebiso tsa Mmuso.
Maano a Mabitso a Dibaka mona Afrika Borwa
Ho sebediswa maano a tshwanang mabapi le mabitso ohle a dibaka. Dikomiti tsa Diprovense tsa Mabitso a Dibaka di lokela ho etsa bonnete ba hore bolaodi ba mahae bo tseba le ho hlokomela maano ana.
Mabitso a seng a dumeletswe dibakeng tse itseng mona Afrika Borwa;
Mabitso a dibaka a dinaha tse ding esita le mabitso a dinaha;
Mabitso ao mongolo wa ona kapa qapodiso ya ona e batlang e tshwana le a lebitso le seng le ntse le sebediswa hoo taba ena e ka bakang pherekano;
Mabitso a thibetsweng hore a ka sebediswa, a tlontlollang, a bontshang tlolo ya molao, ditlhapa, a sa lokang esita le a swabisang;
Mabitso a sebediswang bakeng sa kgethollo kapa nyefolo ya morabe, mmala, bong, ditshekamelo tsa sepolotiki esita le dintlha tse ding tsa setjhaba;
Mabitso a malelele haholo kapa a kopantsweng ka tsela e fosahetseng, ke ho re, hampe feela;
Mabitso a batho mme a se na motso wa botjhaba;
Mabitso a ka nkuwang e le papatso ya sehlahiswa se itseng, mosebetsi o itseng kapa feme e itseng.
Ho rehella dibaka ka batho ba itseng
Mabitso a batho ba ntseng ba phela a lokela ho qojwa, ke ho re, a se ke a sebediswa.
Dibaka tse itseng kapa dintho tse fumanwang sebakeng se itseng di lokela hore di nepane le boemo ba batho bao di reheletsweng ka bona (eseng, ha re tea ka mohlala, ntho e fokolang e rehellwe ka motho ya tsebahalang haholo, ya hlomphehang setjhabeng).
Ho lokela hore ho fumanwe tumello e ngotsweng (lengolo) ho motho kapa e mong wa leloko esita le mojalefa pele lebitso leo la motho eo le ka sebediswa.
Na mabitso a seng a ntse a le teng a ka fetolwa?
Ho ka etswa kopo ha eba mokopi a fumana hore lebitso ha le sa kgema le maano a Lekgotla la Mabitso a Dibaka Afrika Borwa kapa mohlomong le sa tshwanele dintlha tse ding tsa nalane kapa puo. Kopo e lokela ho etswa hona foromong e tshwanang le e sebediswang ha ho etswa kopo mabapi le mabitso a matjha. Kopo ena e lokela ho tshehetswa ka mabaka a utlwahalang mme, ha eba ho kgoneha, ho be le ditokomane tse supang taba tsena.
Ho lokela hore ho qojwe diphetoho ka mabaka ana a latelang:
Diphetoho di ka baka pherekano ka hare ho naha ya rona kapa dinaheng tse mose mme tsa nka nako ya dilemo pele di ka sebediswa.
Diphetoho di batla tjhelete e ngata mafapheng a fapaneng a setjhaba. Ho ka nna ha tsoha dikgohlano hore na ke mang ya lokelang ho lefa ditshenyehelo tse bakilweng ke diphetoho.
Diphetoho di ka baka tshenyo setjhabeng ho na le ho aha kopano le bonngwe ba setjhaba.
Mabitso a dibaka ke karolo ya letlolo la nalane, meetlo le puo bakeng sa setjhaba mme letlotlo lena le lokela ho bolokwa eseng ho senngwa.
Ke mang ya ka etsang kopo bakeng sa kamohelo ya lebitso?
Mafapha ohle a mmuso, mebuso ya diprovense, bolaodi ba mahae, Poso ya Afrika Borwa, bakgothaletsi ba tswelopele ya thepa esita le mokgatlo kapa motho ya batlang hore sebaka se itseng se rehwe lebitso le itseng.
Ka moo ho ka etswang kopo ka teng mabapi le mabitso a dibaka
Diforomo tsa dikopo di fumaneha ho Lekgotla la Mabitso a Dibaka Afrika Borwa kapa Dikomiti tsa
Mabitso a Dibaka tsa Provense.
Bakopi ba lokela ho hlokomela hore dintlha tsohle tsa bohlokwa di ngotswe ha ba tlatsa diforomo tsena tsa dikopo.
Thuso malebana le ho etsa kopo
Lekgotla la Mabitso a Dibaka Afrika Borwa le rata hore batho bohle ba mahae ba be le seabo bakeng sa ho reha mabitso. Ha eba setjhaba se hloleha ho tlatsa foromo ya kopo, se lokela ho etsa kopo ka ho sebedisa bolaodi ba lehae mme e lebiswe ho Dikomiti tsa Mabitso a Dibaka tsa Provense mabapi le ho fumana thuso. Dikomiti tsa Mabitso a Dibaka tsa Provense le tsona di ka kopa thuso ho Lekgotla la Mabitso a Dibaka Afrika Borwa mme bona ba ka fetisetsa kopo eo ho bafuputsi ba ikgethileng.
Dintlha tsa bohlokwa ke tsena tse latelang:
Mabitso a dumellanang ka sebopeho ka ho latelana le bolelele. Ntlha ena ke ya bohlokwa mme e lokela hore e hle e nepahale hantle. Mabitso a dumellanang a X le Y ha a dumellwe.
Ho lokela hore ho be le mmapa wa lebatowa wa boholo ba A4.
Ho lokela hore ho bontshwe lehlakore le bohole ba ho tswa lekgotleng le haufi la moahlodi wa dinyewe, mohlala: dikilomethara tse leshome le metso e mehlano ka Borwa Botjhabela...
Puo e sebedisitsweng bakeng sa lebitso. Ha eba lebitso le na le dikarolo tse fapaneng puo e fetang bonngwe, mohlala: isiZulu hammoho le Senyesemane, di lokela ho tsebiswa ka bobedi.
Mabitso a lokela ho ngolwa ka ditlhaku tse kgolo le tse nyenyane, eseng ka ditlhaku tse kgolo kaofela, bakeng sa ho supa moo tlhaku e kgolo e lokelang ho sebediswa teng, mohlala:
Sethatho le moelelo wa lebitso. Dintlha tsa nalane ya lebitso, ka moo le supang sebaka se itseng ka teng, kapa ho rehella ka ho tlotla motho ya itseng di lokela ho hlaloswa ka botlalo le ka ho qaqa. Dintlha tse fumanweng meqoqong le batho ba itseng di ka fumanwa ka ho buisana le batho esita le ho fumana dingolwa polokelong ya dingolwa tsa kgale. Tsena tsohle di ka hokelwa hammoho le foromo ya kopo.
Kopo e nngwe le e nngwe e lokela ho hlalosa ka botlalo motho eo e leng yena wa sehlooho ya hlahisitseng tsebo ena mme a sisinya lebitso leo le itseng.
Ho lokela hore ho hlahiswe hape lebitso le leng la bobedi le ka kgethwang. Taba ya ho hlahisa lebitso le leng la bobedi le ka kgethwang e ka potlakisa ditaba bakeng sa Lekgotla la Mabitso a Dibaka Afrika Borwa ha eba lebitso la pele le sa amohelwe ka lebaka le itseng jwalo ka ho phetapheta lebitso le seng le ile la amohelwa.
Sebedisa feela foromo e kgethetsweng ho etsa kopo (O se ke wa boela wa tlanya).
Ha eba o romella fakese kapa e-mail, re kopa hore o boele o romelle ditokomane tse saennweng ka poso e le hore dintlha tsohle di hlake.
Nako e ka nkuwang ho amohela kopo
Lekgotla le ba le dikopano tsa lona hane ka selemo. Bakopi ba lokela ho hlokomela hore ho ananelwa ha lebitso bakeng sa tshebediso setjhabeng e ka ba ntho e nkang nako e telele ka lebaka la hobane ho ka ba le tiehiso ka lebaka la dintlha tse sa fellang kapa tsebo e fosahetseng e tlatsitsweng foromong ya kopo. Ho lokela hore ho be le nako ya mamello e ka bang dikgwedi tse tharo bakeng sa ditlhophiso tsohle mme ho hlokomelwe hape hore ho tlatswe foromo ya kopo ka tshwanelo e le ho boela ho bakwa tiehiso e nngwe hape.
Sesupo sa foromo ya kopo
